MATSHWAO: 100 NAKO: Dihora tse 2½
Pampiri ena e na le maqephe a 6.
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 350 - 400 KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele - mantswe a 180 - 200 KAROLO YA C: Ditema tse kgutshwane tsa kgokahano ya ka mehla - mantswe a
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le seng mme o ngole moqoqo ka sona. Bolelele ba moqoqo bo boletswe leqepheng le ka pele.
Boqolotsi ba ditaba ke o mong wa mesebetsi e behang baqolotsi kotsing. Diketsahalong tse ngata tse kang boipelaetsi ba basebetsi ho tswa mafapheng a fapafapaneng, dintwa, ho tjha ha mekhukhu le diqhwebeshano tsa mefutafuta ba be ba ntse ba le teng ho qolotsa ditaba tse tla beha setjhaba leseding ka tse etsahalang. Ngola moqoqo o pepese tsa mosebetsi ona. Sehlooho sa hao e be:
Boqolotsi ba ditaba.
Selemo se seng le se seng baithuti ba fuwa monyetla wa ho kgetha baetapele ba tla ba emela lekgotleng la tsamaiso la sekolo. Ka mohlomong le wena o labalabela hore eka o ka kgethwa kemeding ena ho phetha ditabatabelo tsa hao ho ntlafatsa maemo a baithuti. Ngola moqoqo o re phetele tsena. Sehlooho sa hao e be:
Mohlang ke bang moetapele wa baithuti sekolong sa heso.
Leano la mmuso la Batho Pele le hatella ho tliswa ha ditshebeletso bathong le ho re di etswe ka tsela e phethahetseng. Baetapele ba rona ba leka ka hohle ho phethahatsa leano lena. Na o a dumela? Dumellana kapa hanana le ho phethahatswa ha leano lena la mmuso. Sehlooho sa hao e be:
Leano la mmuso la Batho Pele le feela le tlisa ditshebeletso setjhabeng.
KAPA
Setjhaba ha se bone ditshebeletso tse tliswang ke leano la mmuso la Batho Pele.
Matsatsing a phomolo a fetileng wena le ba lelapa la heno le ne le etetse sebakeng sa phomolo se kgabileng ka botle ba tlhaho. Le dutse matsatsinyana moo le robile monakedi. Ngola moqoqo o phete botle ba karolo eo ya naha. Sehlooho sa hao e be:
Matsatsing a kajeno re bona bakganni ba bangata ba makoloi ba hloka mamellano le hona ho utlwisisana mebileng. Sena se beha maphelo a bona, a bapalami ba bang le ditaaso kotsing. Pakahatsa taba ena ka ho ngola moqoqo, mme o etse le ditlhahiso hore na hona ho ka qojwa jwang. Sehlooho sa hao e be:
Dikgoka tsa bakganni mebileng.
MATSHWAO OHLE KAROLONG ENA YA A: 50 DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tse latelang. Ikgopotse bolelele boo o lokelang ho bo ngola leqepheng la bobedi. Bolelele bona bo kenyeletsa dikahare feela, ha ho ballwe hlooho le qetelo.
Motswalao ya leng kereiting ya borobong ha a sebetsa hantle ditlhahlobong tsa boitokisetso. O utlwile bohloko mme o nkile qeto ya ho tlohela sekolo, a se ngole ditlhahlobo tsa makgaolakgang. Mo ngolle lengolo o mo kgothatse, le ho mo lemosa mathata ao a ka tobanang le ona ha a ka etsa sena.
O modulasetulo wa lekgotla la kemedi ya barutwana sekolong sa heno. Ka mora ditlhahlobo tsa makgaolakgang ho tla sala matsitsinyana pele dikolo di kwalwa semmuso. Le rerile ho tshwara moketjana wa botjhaba sekolong moo le tla bapatsa tsa bonono le setso ho thabisa baithuti le ho ba ntsha bodutu matsatsinyaneng ana. Ngolla mosuwehlooho lengolo o mo kope tumello ya ho tla sebedisa meaho le mabala a sekolo bakeng sa moketjana ona.
Malomao ya o hodisitseng ho tloha bonyenyaneng o hlokahetse. Lelokong leno ke wena e moholo ya bileng a nang le lesedi la thuto. Ba leloko ba o kopile ke hona hore o ngole tsa bophelo ba mofu malomao. Ngola obitjhuwari eno.
O mongodi lekgotleng la tsamaiso la motseng wa heno. Memela ditho tse ding tsa tsamaiso kopanong ya tshohanyetso e mabapi le mathata ao baahi ba tobaneng le ona. Hopola le ho ba ralla lenanetsamaiso la tse tla tshohlwa mohlang oo.
MATSHWAO OHLE KAROLONG ENA YA B: 30 DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE/ DITEMA TSEO HO KA TADINGWANG HO ITSENG HO TSONA LE TSE NEHELANANG KA TLHAHISOLESEDING
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole hape tema e le nngwe ho tse latelang. Bolelele ba tema bo se bo boletswe leqepheng la bobedi.
O tlo tshwara moketjana wa letsatsi la tswalo haufinyana. Rala karete ya memo eo ho yona o memelang motswalle wa hao moketjaneng ona. O hloka le ho tseba palo ya ba tla kgona ho tla bakeng sa ho lokisa dijo. Se lebale ho ba hopotsa kareteng hore ba o tsebise hore na ba tla tla kapa tjhe.
Sekolo sa heno se phepheditswe mme le tlo etelwa ke sekolo se tswang porofensing e nngwe ho tla bapala papadi ya bolo ya maoto le netebolo. Lekgotla la baithuti le shebaneng le tsa dipapadi le o file mosebetsi wa ho neha baeti ditaelo tsa ho fihla sekolong. O lokela ho ba hlalosetsa ka botlalo hore ba tsamaye jwang ho fihla sekolong sa lona. Ba laele ka tsela e hlakileng hore ba tsamaye jwang.
Nakong ya phomolo ya matsatsi a Keresemese e tlang mmino e tlo ba matletsetletse ka dihlopha tse fapaneng. Hara dihlopha tse tlang ke tse tlo bapala mmino wa 'jazz', mmamoratwa wa lona motseng weno. O lokela ho hlophisetsa mokete ona. Rala pampitshana ya tlhahisoleseding e tsebisang ka mokete ona wa mmino.
MATSHWAO OHLE KAROLONG ENA YA C: 20
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA: 100
